Tshimoloho 7:1-15 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a re ho Nowe: “Wena, le ba ntlo ya hao, kena ka arekeng, hobane ke bone hore molokong ona ke wena feela ya lokileng mahlong a ka.

2. “Diphoofolong tsohle tse sa ileheng, o nke tse supileng tse tona, le tse supileng tse tshehadi; ho tsohle tse ilehang o nke tse pedi, e be e tona le e tshehadi.

3. Dinonyananeng tsohle tse fofang o nke tse supileng ka bobedi, e be e tona le e tshehadi, hore mofuta wa tsona o tle o bolokehe lefatsheng.

4. Kamora matsatsi a supileng, ho tloha jwale, ke tla nesetsa lefatshe pula ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, tseo ke di entseng.”

5. Nowe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

6. Nowe o ne a ena le dilemo tse makgolo a tsheletseng ha morallo wa metsi o eba teng lefatsheng.

7. Yare metsi a morallo a eso fihle, Nowe a kena ka arekeng a ena le bara ba hae, le mosadi wa hae, le dingwetsi tsa hae.

8. Diphoofolo tse sa ileheng le tse ilehang, le dinonyana, le dihahabi tsohle,

9. tsa tla ka bobedi, e le e tona le e tshehadi, tsa kena ka arekeng le Nowe, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

10. Yare hoba matsatsi a supileng a fete, morallo wa metsi wa eba teng lefatsheng.

11. Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la leshome le metso e supileng, ka lona letsatsi leo mehlodi yohle ya bodiba bo boholo ya phunyeha, le maru a tsholella metsi lefatsheng.

12. Ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, lefatshe la nelwa ke pula ya ditlwebelele.

13. Ka lona letsatsi leo Nowe le bara ba hae, Sema le Kama le Jafeta, le mosadi wa Nowe, le dingwetsi tse tharo tsa Nowe, ba kena ka arekeng,

14. mmoho le mefuta yohle ya diphoofolo, le mefuta yohle ya dihahabi, le mefuta yohle ya dinonyana.

15. Dibopuwa tse phelang tsa kena ka bobedi ka arekeng ho Nowe.

Tshimoloho 7