13. Jwale Modimo a re ho Nowe: “Ke rerile ho fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, hobane lefatshe le tletse dipolayano ka baka la batho; ke tla ba timetsa mmoho le lefatshe.
14. “Iketsetse areka ka difate tsa phaena, o e etse dikamore, mme o e bitiele ka boka kantle le kahare.
15. O tla e haha tjena: bolelele ba areka e be dimethara tse lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro, bophara ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme bophahamo ba yona e be dimethara tse leshome le metso e meraro.
16. Areka eo o e etsetse fesetere e tla kenya lesedi, mme pakeng tsa yona le marulelo e be bolelele ba disenthimethara tse mashome a mane a metso e mene; monyako wa areka o etswe lehlakoreng la yona. Ho be le dikamore tse katlase, tse hare, le tse kahodimo.
17. “Ke tla tlisa morallo wa metsi ho kwahela lefatshe, ho timetsa tsohle tse phelang, tse tlasa lehodimo. Tsohle tse lefatsheng di tla timela.
18. Empa wena ke tla etsa selekane le wena. O tla kena ka arekeng, wena le bara ba hao, le mosadi wa hao, le dingwetsi tsa hao.
19. O tla kena ka arekeng le diphoofolo tsohle tse phelang, tse pedi mofuteng o mong le o mong, e be e tona le e tshehadi, di tle di phele mmoho le wena.