8. Le bohle ba lelapa la Josefa, le bana babo, le ba lelapa la ntatae, ba ya le yena; ba siya bana ba bona feela, le mehlape ya dinku le ya dikgomo, seterekeng sa Goshene.
9. A nyoloha le dikariki, le bapalami ba dipere, mme ya eba lebotho le leholo haholo.
10. Yare ha ba fihla Seotlong sa Meutlwa, kamose ho Jorodane, ba lla sello sa mmokotsane, mme Josefa a qeta matsatsi a supileng a llela ntatae.
11. Ha baahi ba naha eo, e leng Bakanana, ba utlwa sello sa bofifi Seotlong sa Meutlwa, ba re: “Sello sena ke se bohloko haholo ho Baegepeta!” Ka lebaka lena sebaka seo, se kamose ho Jorodane, ba se rea lebitso la Abele-Miseraime.
12. Bara ba Jakobo ba mo etsetsa jwalokaha a ne a ba laetse;
13. ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo epela lehaheng le neng le le tshimong ya Makapela, e pela Mamore, leo Aborahama a neng a le rekelle le tshimo ho Eferone wa Mohete, hore e be setsha sa hae sa mabitla.
14. Hoba a epele ntatae, Josefa a kgutlela Egepeta, yena le bana babo, le bohle ba neng ba nyolohile le yena ho ya epela ntatae.
15. Ha bana babo Josefa ba bona hore ntata bona o shwele, ba re: “Mohlomong Josefa o tla re hloya, a phetetse bobe bohle boo re neng re bo etse ho yena.”
16. Yaba ba romela molaetsa ho Josefa, ba re: “Ntatao a eso shwe a na a re laela, a re:
17. <Le tle le bue tjena ho Josefa: Re a o rapela hle: Ako tshwarele bana beno molato wa bona le sebe sa bona, hobane ba ne ba o etse hampe.> Jwale re a o rapela, ako tshwarele molato wa bahlanka ba Modimo wa ntatao.” Josefa a lla ha a utlwa.
18. Jwale bana babo le bona ba tla, ba itihela kapele ho yena, ba re: “Bona, re makgoba a hao.”
19. Empa Josefa a re ho bona: “Le se ke la tshoha; na nna ke Modimo?