Tshimoloho 50:2-9 BIBELE (SSO89SO)

2. Josefa a laela bahlanka ba hae ba dingaka ho omeletsa setopo sa ntatae ka meriana; yaba dingaka di omeletsa setopo sa Iseraele.

3. Ha feta matsatsi a mashome a mane, hobane ho omeletsa setopo ho nka matsatsi a makaalo, mme Baegepeta ba mo llela ka matsatsi a mashome a supileng.

4. Ha matsatsi a bofifi a fetile, Josefa a bua le ba ntlo ya Faro, a re: “Haeba le nkgauhetse, le ke le bolelle Faro, le re:

5. <Ntate o ile a ntlhapantsha, a re: Bona, ke lekgatheng la ho shwa; o tle o yo nkepela lebitleng leo ke itjheketseng lona naheng ya Kanana.> Kahoo ke a o kopa: ako ntumelle ke nyolohe, ke yo epela ntate, ke tle ke boele ke kgutle.”

6. Yaba Faro o re: “Nyoloha, o yo epela ntatao, jwalokaha a o hlapantshitse.”

7. Josefa a nyoloha ho ya epela ntatae, mme bahlanka bohle ba Faro, le baholo ba lelapa la hae, le baholo bohle ba naha ya Egepeta, ba nyoloha le yena.

8. Le bohle ba lelapa la Josefa, le bana babo, le ba lelapa la ntatae, ba ya le yena; ba siya bana ba bona feela, le mehlape ya dinku le ya dikgomo, seterekeng sa Goshene.

9. A nyoloha le dikariki, le bapalami ba dipere, mme ya eba lebotho le leholo haholo.

Tshimoloho 50