10. Yare ha ba fihla Seotlong sa Meutlwa, kamose ho Jorodane, ba lla sello sa mmokotsane, mme Josefa a qeta matsatsi a supileng a llela ntatae.
11. Ha baahi ba naha eo, e leng Bakanana, ba utlwa sello sa bofifi Seotlong sa Meutlwa, ba re: “Sello sena ke se bohloko haholo ho Baegepeta!” Ka lebaka lena sebaka seo, se kamose ho Jorodane, ba se rea lebitso la Abele-Miseraime.
12. Bara ba Jakobo ba mo etsetsa jwalokaha a ne a ba laetse;
13. ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo epela lehaheng le neng le le tshimong ya Makapela, e pela Mamore, leo Aborahama a neng a le rekelle le tshimo ho Eferone wa Mohete, hore e be setsha sa hae sa mabitla.
14. Hoba a epele ntatae, Josefa a kgutlela Egepeta, yena le bana babo, le bohle ba neng ba nyolohile le yena ho ya epela ntatae.
15. Ha bana babo Josefa ba bona hore ntata bona o shwele, ba re: “Mohlomong Josefa o tla re hloya, a phetetse bobe bohle boo re neng re bo etse ho yena.”
16. Yaba ba romela molaetsa ho Josefa, ba re: “Ntatao a eso shwe a na a re laela, a re:
17. <Le tle le bue tjena ho Josefa: Re a o rapela hle: Ako tshwarele bana beno molato wa bona le sebe sa bona, hobane ba ne ba o etse hampe.> Jwale re a o rapela, ako tshwarele molato wa bahlanka ba Modimo wa ntatao.” Josefa a lla ha a utlwa.
18. Jwale bana babo le bona ba tla, ba itihela kapele ho yena, ba re: “Bona, re makgoba a hao.”
19. Empa Josefa a re ho bona: “Le se ke la tshoha; na nna ke Modimo?
20. Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.
21. Jwale he, se tshoheng; nna ke tla le fepa le bana ba lona.” A ba tshedisa, a ba thoba dipelo.
22. Josefa a aha Egepeta le ba ntlo ya ntatae, mme a phela dilemo tse lekgolo le leshome.
23. Josefa a bona moloko wa boraro wa bana ba Efraime; le bana ba Makiri, mora wa Manase, bao Josefa a ileng a ba nka e le bana ba hae.
24. Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”
25. Josefa a re ho bara ba Iseraele, ba ikane hore, mohla Modimo a ba etelang, ba tla tlosa masapo a hae Egepeta.
26. Josefa a shwa a le dilemo tse lekgolo le leshome, mme ba omeletsa setopo sa hae, ba se kenya lekeseng, moo Egepeta.