Tshimoloho 50:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Josefa a kopa ntatae ka molala, mme ha a ntse a mo aka, meokgo ya hae ya keleketla hodima sefahleho sa hae.

2. Josefa a laela bahlanka ba hae ba dingaka ho omeletsa setopo sa ntatae ka meriana; yaba dingaka di omeletsa setopo sa Iseraele.

3. Ha feta matsatsi a mashome a mane, hobane ho omeletsa setopo ho nka matsatsi a makaalo, mme Baegepeta ba mo llela ka matsatsi a mashome a supileng.

4. Ha matsatsi a bofifi a fetile, Josefa a bua le ba ntlo ya Faro, a re: “Haeba le nkgauhetse, le ke le bolelle Faro, le re:

5. <Ntate o ile a ntlhapantsha, a re: Bona, ke lekgatheng la ho shwa; o tle o yo nkepela lebitleng leo ke itjheketseng lona naheng ya Kanana.> Kahoo ke a o kopa: ako ntumelle ke nyolohe, ke yo epela ntate, ke tle ke boele ke kgutle.”

6. Yaba Faro o re: “Nyoloha, o yo epela ntatao, jwalokaha a o hlapantshitse.”

Tshimoloho 50