18. Jareta o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e mmedi ha a tswala Henoke.
19. Hoba Henoke a tswalwe, Jareta o ile a phela dilemo tse makgolo a robedi, mme a tswala bara ba bang le baradi.
20. Ditshiu tsohle tseo Jareta a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le mashome a tsheletseng a metso e mmedi; a nto shwa.
21. Henoke o ne a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano ha a tswala Metushela.
22. Hoba Metushela a tswalwe, metsamao ya Henoke ya kgahla Modimo ka dilemo tse makgolo a mararo, mme a tswala bara ba bang le baradi.
23. Ditshiu tsohle tseo Henoke a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a mararo le mashome a tsheletseng a metso e mehlano.
24. Metsamao ya Henoke ya kgahla Modimo; yaba o a nyamela, hobane Modimo o ile a mo nka.
25. Metushela o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a robedi a metso e supileng ha a tswala Lameke.
26. Hoba Lameke a tswalwe, Metushela a phela dilemo tse makgolo a supileng le mashome a robedi a metso e mmedi, mme a tswala bara ba bang le baradi.
27. Ditshiu tsohle tseo Metushela a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le mashome a tsheletseng a metso e robong; a nto shwa.
28. Lameke o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mmedi ha a tswala mora.
29. A mo rea lebitso la Nowe, a re: “Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona, le boimeng ba wona bo bakilweng ke thohako eo Morena a rohakileng mobu ka yona.”
30. Hoba Nowe a tswalwe, Lameke a phela dilemo tse makgolo a mahlano le mashome a robong a metso e mehlano, mme a tswala bara ba bang le baradi.
31. Ditshiu tsohle tseo Lameke a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a supileng le mashome a supileng a metso e supileng; a nto shwa.
32. Nowe o ne a ena le dilemo tse makgolo a mahlano ha a tswala Sema, le Kama, le Jafeta.