Tshimoloho 49:9-28 BIBELE (SSO89SO)

9. Juda ke tawana!O nyolohetse thabeng,mora wa ka, o tswa hapa;o a borama,o qatjhama jwaloka tau,mme, jwaloka tauhadi,o ka tsoswa ke mang?

10. Lere la bokgosile ke ke la tloha ho Juda,le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae,ho fihlela monga lona a fihla,yena eo ditjhaba di tla mo mamela.

11. O holeha tonki ya hae morareng,le pohwana ya tonkimorareng o kgethehileng;o hlatswa diaparo tsa hae ka veine,le kobo ya hae ka lero la morara.

12. Mahlo a hae a tlerefetse ke veine,meno a hae a masweu ke lebese.

13. “Sebuloneo tla aha lebopong la lewatle,e tla ba yena kou ya dikepe,meedi ya hae e tla fella Sidone.

14. “Isakare ke tonki e matla,o bothile pakeng tsa masaka.

15. O bona hore ho phomolaho monate,le hore naha e a kgahleha;a sekamisa lehetla la hae ho jara,a sebeletsa monga hae e le lekgoba.

16. “Dane o tla busa setjhaba sa haee le e mong wa merabe ya Iseraele.

17. Dane e tla ba noha e ka tseleng,e be marabe ya dinaka ka tseleng,ya lomang ditlhako tsa pere,mopalami wa yona a we ka sanketse.

18. “Ke lebeletseho pholoswa ke wena, Morena.

19. “Gade o tla futuhelwake mabotho a bahlabani;yena o tla ba phaladisa,a ba hate direthe.

20. “Dijo tsa Ashere e tla ba tse malodi,o tla fana ka dimonate tsa kgosi.

21. “Nafthali ke kgama ya molalasekwai,e tswalang manamane a matle.

22. “Josefa ke tholwanaya sefate se behang,tholwana ya sefate se behang,se pela sediba,makala a sonaa rarahane hodima lerako.

23. Ba fulang ka metsu ba a mo hlorisa,ba diqha ba a mo phephetsa,

24. empa seqha sa hae se ntse se tiile,o matjato diatlengle matsohong a hae;o thuswa ke matsohoa Ya Matla wa Jakobo,e leng Modisa, Lefika la Iseraele.

25. Modimo wa ntatao a ke a o thuse,yena Ya Matla wohlea ke a o hlohonolofatse,ka mahlohonoloa tswang hodimo, lehodimong,ka mahlohonoloa tswang madibeng katlasa lefatshe,ka mahlohonoloa ho tswala le ho nyantsha.

26. Mahlohonolo a ntataoa feta mahlohonolo a dithabatsa mehla yohle,le mekgabo ya marallaa mehla yohle;kaofela a ke a be hodima hlooho,hlooho ya Josefa,a be hodima phatla,ya eo e leng mokgethwaho bana babo.

27. “Benjamine ke phiri e harolakang,hoseng e kgetshela tse bolailweng,mantsiboya e arola kgapo ya yona.”

28. Bana bohle ke meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme sena ke seo ntata bona a se buileng ho bona ha a ba hlohonolofatsa; e mong le e mong a hlohonolofatswa ka mahlohonolo a mo tshwanelang.

Tshimoloho 49