Tshimoloho 49:8-22 BIBELE (SSO89SO)

8. “Wena, Juda,bana beno ba tla o rorisa,tsoho la hoale tla kgama dira tsa hao;bana benoba tla kgumama kapele ho wena.

9. Juda ke tawana!O nyolohetse thabeng,mora wa ka, o tswa hapa;o a borama,o qatjhama jwaloka tau,mme, jwaloka tauhadi,o ka tsoswa ke mang?

10. Lere la bokgosile ke ke la tloha ho Juda,le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae,ho fihlela monga lona a fihla,yena eo ditjhaba di tla mo mamela.

11. O holeha tonki ya hae morareng,le pohwana ya tonkimorareng o kgethehileng;o hlatswa diaparo tsa hae ka veine,le kobo ya hae ka lero la morara.

12. Mahlo a hae a tlerefetse ke veine,meno a hae a masweu ke lebese.

13. “Sebuloneo tla aha lebopong la lewatle,e tla ba yena kou ya dikepe,meedi ya hae e tla fella Sidone.

14. “Isakare ke tonki e matla,o bothile pakeng tsa masaka.

15. O bona hore ho phomolaho monate,le hore naha e a kgahleha;a sekamisa lehetla la hae ho jara,a sebeletsa monga hae e le lekgoba.

16. “Dane o tla busa setjhaba sa haee le e mong wa merabe ya Iseraele.

17. Dane e tla ba noha e ka tseleng,e be marabe ya dinaka ka tseleng,ya lomang ditlhako tsa pere,mopalami wa yona a we ka sanketse.

18. “Ke lebeletseho pholoswa ke wena, Morena.

19. “Gade o tla futuhelwake mabotho a bahlabani;yena o tla ba phaladisa,a ba hate direthe.

20. “Dijo tsa Ashere e tla ba tse malodi,o tla fana ka dimonate tsa kgosi.

21. “Nafthali ke kgama ya molalasekwai,e tswalang manamane a matle.

22. “Josefa ke tholwanaya sefate se behang,tholwana ya sefate se behang,se pela sediba,makala a sonaa rarahane hodima lerako.

Tshimoloho 49