7. Ho rohakwe bohale ba bona,hobane bo ne bo tshabeha;le kgalefo ya bona,hobane e ne e se na mohau!Ke tla ba qhalakanyahara bana ba Jakobo,ke ba hasanyehara fatshe la Iseraele.
8. “Wena, Juda,bana beno ba tla o rorisa,tsoho la hoale tla kgama dira tsa hao;bana benoba tla kgumama kapele ho wena.
9. Juda ke tawana!O nyolohetse thabeng,mora wa ka, o tswa hapa;o a borama,o qatjhama jwaloka tau,mme, jwaloka tauhadi,o ka tsoswa ke mang?
10. Lere la bokgosile ke ke la tloha ho Juda,le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae,ho fihlela monga lona a fihla,yena eo ditjhaba di tla mo mamela.
11. O holeha tonki ya hae morareng,le pohwana ya tonkimorareng o kgethehileng;o hlatswa diaparo tsa hae ka veine,le kobo ya hae ka lero la morara.
12. Mahlo a hae a tlerefetse ke veine,meno a hae a masweu ke lebese.
13. “Sebuloneo tla aha lebopong la lewatle,e tla ba yena kou ya dikepe,meedi ya hae e tla fella Sidone.