Tshimoloho 49:30-33 BIBELE (SSO89SO)

30. lehaheng le tshimong ya Makapela, e pela Mamore, naheng ya Kanana; leo Aborahama a neng a le rekelle le tshimo ho Eferone wa Mohete, hore e be setsha sa mabitla.

31. Aborahama le mosadi wa hae Sara ba epetswe hona teng. Isaka le mosadi wa hae Rebeka le bona ba epetswe hona teng; le Lea ke mo epetse hona teng.

32. Tshimo eo le lehaha le ho yona di ne di rekwe ho Bahete.”

33. Ha Jakobo a qetile ho laela bana ba hae, a phutha maoto a hae, a a busetsa betheng, a neela moya, mme a orohela ho bang ka yena.

Tshimoloho 49