Tshimoloho 49:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Jakobo a bitsa bara ba hae, a re: “Tloong ho nna, mme ke tla le bolella se tla le hlahela ka matsatsi a tlang.

2. “Bokanang le mamele,bara ba Jakobo,mamelang ntata lona Iseraele.

3. “Rubene, ke wena letsibolo la ka;ke wena matla a ka,le tholwana ya pele ya bonna ba ka;o feta ba bangka seriti le ka bonatla.

4. O ka metsi a tsapolong,empa o ke kewa ba feta ka boholo,hobane wa na wa kenakobong tsa mohatsa ka,wa hlompholla phate tsa kaka ho hlwella ho tsona.

5. “Simeone le Levike bana ba letswele,dihlomo tsa bona ke tse sehloho.

6. Moya wa kao se kene mererong ya bona,pelo ya kae se kene mokgatlong wa bona,hobane ha ba halefileba na ba bolaya batho,ha ba halefetse lefeelaba kgaola dipholo mesifa.

7. Ho rohakwe bohale ba bona,hobane bo ne bo tshabeha;le kgalefo ya bona,hobane e ne e se na mohau!Ke tla ba qhalakanyahara bana ba Jakobo,ke ba hasanyehara fatshe la Iseraele.

8. “Wena, Juda,bana beno ba tla o rorisa,tsoho la hoale tla kgama dira tsa hao;bana benoba tla kgumama kapele ho wena.

Tshimoloho 49