19. Re ka shwela mahlong a hao ka baka lefe, rona le masimo a rona? Re rekelle le masimo a rona ka dijo, hore rona le masimo a rona re be makgoba a Faro. Re fe peo re tle re phele, re se ke ra shwa, le hore masimo a se ke a lala.”
20. Yaba Josefa o rekela Faro naha yohle ya Egepeta, hobane Moegepeta e mong le e mong o ile a rekisa tshimo ya hae, kaha tlala e ne e ba imetse, mme naha ya eba ya Faro.
21. Batho bona a ba fallisetsa metseng, ho tloha karolong e nngwe ya Egepeta ho isa ho e nngwe.
22. Ke masimo a baprista feela ao a sa kang a a reka, hobane baprista ba ne ba newa moputso ke Faro, ba phela ka wona, mme ka lebaka lena ba se ke ba rekisa masimo a bona.
23. Yaba Josefa o re ho setjhaba: “Bonang, kajeno lona le masimo a lona ke le reketse Faro. Jwale peo ke ena, mme le tla jala masimo.
24. Ka nako ya kotulo le tla nea Faro karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Karolo tse nne e tla ba tsa lona, e be peo, le dijo tsa lona le tsa malapa a lona, le dijo tsa bana ba lona.”
25. Ba re: “O re pholositse! A re ke re fumane mohau ho morena ka, mme re tla ba makgoba a Faro.”
26. Yaba Josefa o etsa molao naheng ya Egepeta, o ntseng o le teng le kajeno-ya-bokajeno, wa hore Faro a newe karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Ke masimo a baprista feela ao e sa kang ya eba a Faro.
27. Yaba Baiseraele ba aha naheng ya Egepeta, seterekeng sa Goshene; ba e rua, ba ata, ba ngatafala haholo.
28. Jakobo a phela naheng ya Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; kahoo Jakobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng.
29. Ha nako ya ho shwa ha Iseraele e atamela, a bitsa mora wa hae Josefa, a re ho yena: “Haeba ke fumane mohau ho wena, ako bee seatla sa hao ka tlasa serope sa ka. Tshepisa hore o tla nne o nthate, o tshepahale, mme o ke ke wa nkepela Egepeta.
30. Mohla ke shwang jwaloka bo-ntate, o nkuke, o nntshe Egepeta, o yo nkepela mabitleng a bona.”Josefa a araba, a re: “Ke tla etsa kamoo o boletseng kateng.”
31. Iseraele a re: “Ntlhapanyetse!” A mo hlapanyetsa. Iseraele a inamisetsa hlooho mosamong.