1. Josefa a kena, a bolella Faro, a re: “Ntate le bana beso, le mehlape ya bona ya dinku le ya dikgomo, le tsohle tseo ba nang le tsona, ba fihlile ho tswa naheng ya Kanana, mme jwale ba se ba le seterekeng sa Goshene.”
2. Yaba o nka ba bahlano ba bana babo, a ba bea kapele ho Faro.
3. Faro a re ho bana bao babo: “Mosebetsi wa lona ke ofe?”Ba araba Faro, ba re: “Bahlanka ba hao ke badisa ba mehlape ya dinku, jwaloka bo-ntata bona.”
4. Ba boela ba re ho Faro: “Re tlile ho tla jaka naheng ena, hobane mehlape ya bahlanka ba hao ha e na makgulo, kaha tlala e kgolo naheng ya Kanana. Ka hona re a o kopa: O ke o dumelle bahlanka ba hao ho aha seterekeng sa Goshene.”
5. Faro a bua le Josefa, a re: “Ntatao le bana beno ba tlile ho wena.
6. Naha ya Egepeta ke ena kapele ho wena. Bea ntatao le bana beno moo naha e leng ntle, ba ahe seterekeng sa Goshene. Haeba o tseba hore ho na le banna ba tshepahalang hara bona, o ba etse badisa ba mehlape ya ka.”
7. Yaba Josefa o tlisa ntatae Jakobo, o mo emisa kapele ho Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro.
8. Jwale Faro a re ho Jakobo: “Dilemo tsa hao di kae?”
9. Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.”
10. Yaba Jakobo o hlohonolofatsa Faro, mme a tloha ho yena.
11. Josefa a bea ntatae le bana babo, a ba kgethela sebaka sa bodulo naheng ya Egepeta, moo naha e leng ntle, seterekeng sa Ramesese, jwalokaha Faro a ne a laetse.
12. Josefa a fepa ntatae, le bana babo, le lelapa lohle la ntatae, ho ya ka palo ya baphedisuwa.