Tshimoloho 46:9-20 BIBELE (SSO89SO)

9. le bara ba Rubene: Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi.

10. Bara ba Simeone: Jemuele, le Jamine, le Ohade, le Jakine, le Sohara, le Shaule, mora wa mosadi wa hae wa Mokanana.

11. Bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.

12. Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Perese, le Sera. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana. Bara ba Perese e ne e le Heserone le Hamule.

13. Bara ba Isakare: Tola, le Pua, le Jobo, le Shimerone.

14. Bara ba Sebulone: Serede, le Elone, le Jahallele.

15. Bana ke bara ba Lea, bao a ba tswaletseng Jakobo ha ba le Padane-Arame, hammoho le moradi wa hae Dina. Bara le baradi ba hae bohle ba bile mashome a mararo a metso e meraro.

16. Bara ba Gade: Sifeone, le Hagi, le Shuni, le Esebone, le Eri, le Arode, le Arele.

17. Bara ba Ashere: Jimena, le Jishefa, le Jishefi, le Beria, le kgaitsedi ya bona Sera.Bara ba Beria: Hebere le Malekiele.

18. Bana ke bara ba Silepa, eo Labane a neng a mo nee moradi wa hae Lea. Silepa a tswalla Jakobo bana ba leshome le metso e tsheletseng.

19. Bara ba Ragele, mosadi wa Jakobo, ke Josefa le Benjamine.

20. Bara ba Josefa, bao Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One, a neng a mo tswalle bona naheng ya Egepeta, ke Manase le Efraime.

Tshimoloho 46