Tshimoloho 46:27-34 BIBELE (SSO89SO)

27. Bara ba Josefa, ba tswaletsweng Egepeta, ba ne ba le babedi; ba lelapa la Jakobo ba ileng ba tla Egepeta e bile batho ba mashome a supileng.

28. Jakobo a roma Juda ho mo etella pele, ho ya tsebisa Josefa hore a ye Goshene, mme ba fihla seterekeng sa Goshene.

29. Josefa a pana kariki ya hae, a nyolohela Goshene ho ya teana le ntatae. Hang ha ba kopana, a mo kopa molaleng, a llela ho yena halelele.

30. Iseraele a re ho Josefa: “Jwale nka shwa, hobane ke bona sefahleho sa hao o sa phela.”

31. Josefa a re ho bana babo, le ho ba lelapa la ntatae: “Ke tla nyoloha, ke yo tsebisa Faro, ke re ho yena: <Ntate le bana beso, le ba lelapa la hae, ba tswang naheng ya Kanana, ba tlile ho nna.

32. Banna bao ke badisa ba mehlape, hobane haesale ba ruile diphoofolo, mme ba tlile le mehlape ya bona ya dinku le ya dikgoma, le tsohle tseo ba nang le tsona.>

33. Ha Faro a le bitsa, mme a le botsa, a re: <Mosebetsi wa lona ke ofe?>

34. le tle le re: <Haesale bahlanka ba hao e le badisa, ho tloha botjheng ba bona, ho fihlela kajeno, rona le bo-ntata rona,> e le hore le tle le jake seterekeng sa Goshene, hobane Baegepeta ba kgesa badisana bohle.”

Tshimoloho 46