Tshimoloho 46:17-29 BIBELE (SSO89SO)

17. Bara ba Ashere: Jimena, le Jishefa, le Jishefi, le Beria, le kgaitsedi ya bona Sera.Bara ba Beria: Hebere le Malekiele.

18. Bana ke bara ba Silepa, eo Labane a neng a mo nee moradi wa hae Lea. Silepa a tswalla Jakobo bana ba leshome le metso e tsheletseng.

19. Bara ba Ragele, mosadi wa Jakobo, ke Josefa le Benjamine.

20. Bara ba Josefa, bao Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One, a neng a mo tswalle bona naheng ya Egepeta, ke Manase le Efraime.

21. Bara ba Benjamine ke Bela, le Bekere, le Ashebele, le Gera, le Naamane, le Ehi, le Roshe, le Mupime, le Hupime, le Arada.

22. Bana ke bara bao Ragele a ba tswaletseng Jakobo. Kaofela ha bona ke batho ba leshome le metso e mene.

23. Mora wa Dane ke Hushime.

24. Bara ba Nafthali ke Jaheseele, le Guni, le Jesere, le Shileme.

25. Bana ke bara ba Bileha, eo Labane a neng a mo nee moradi wa hae Ragele. Bileha a tswalla Jakobo bana. Kaofela ha bona ke batho ba supileng.

26. Batho hohle ba ileng ba ya Egepeta le Jakobo, ba leloko la hae, ho sa balwe basadi ba bara ba hae, e bile batho ba mashome a tsheletseng le metso e tsheletseng.

27. Bara ba Josefa, ba tswaletsweng Egepeta, ba ne ba le babedi; ba lelapa la Jakobo ba ileng ba tla Egepeta e bile batho ba mashome a supileng.

28. Jakobo a roma Juda ho mo etella pele, ho ya tsebisa Josefa hore a ye Goshene, mme ba fihla seterekeng sa Goshene.

29. Josefa a pana kariki ya hae, a nyolohela Goshene ho ya teana le ntatae. Hang ha ba kopana, a mo kopa molaleng, a llela ho yena halelele.

Tshimoloho 46