Tshimoloho 46:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba Iseraele o a falla, o nka tsohle tseo a nang le tsona, mme ha a fihla Beeresheba, a etsetsa Modimo wa ntatae Isaka mahlabelo.

2. Modimo a bua le Iseraele ka pono, bosiu, a re: “Jakobo! Jakobo!”Yena a re: “Ke nna enwa!”

3. Modimo a re: “Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao. O se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke moo ke tla o etsa setjhaba se seholo.

4. Nna ke tla theoha le wena ho ya Egepeta; ke o tiisetsa hore ke tla boela ke o kgutlisa, mme Josefa o tla kwala mahlo a hao mohla o shwang.”

5. Jwale Jakobo a tloha Beeresheba, mme bara ba Iseraele ba palamisa Jakobo ntata bona, le bana ba bona, le basadi ba bona makoloing ao Faro a neng a a rometse ho mo lata.

6. Ba kganna mehlape ya bona, ba nka le thepa eo ba e sebeditseng ha ba le naheng ya Kanana, ba ya fihla Egepeta, e le Jakobo le bohle ba leloko la hae:

7. Bara ba hae, le bara ba bara ba hae; baradi ba hae, le baradi ba bara ba hae. Leloko la hae lohle a tla le lona Egepeta.

8. Ana ke mabitso a bara ba Iseraele ba tlileng Egepeta, e leng Jakobo le bara ba hae. Ke Rubene, letsibolo la Jakobo;

9. le bara ba Rubene: Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi.

10. Bara ba Simeone: Jemuele, le Jamine, le Ohade, le Jakine, le Sohara, le Shaule, mora wa mosadi wa hae wa Mokanana.

11. Bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.

12. Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Perese, le Sera. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana. Bara ba Perese e ne e le Heserone le Hamule.

13. Bara ba Isakare: Tola, le Pua, le Jobo, le Shimerone.

Tshimoloho 46