Tshimoloho 44:6-17 BIBELE (SSO89SO)

6. Mookamedi ha a fihla ho bona, a ba bolella mantswe ana.

7. Yaba ba re ho yena: “Ho ya kang ha morena rona a ka bua mantswe a tjee? Hase ntho eo bahlanka ba hao ba ka e etsang e jwalo!

8. Bona hle, tjhelete eo re e fumaneng ka melomong ya mekotla ya rona ha re le Kanana, re o kgutliseditse yona. Jwale re ka utswa jwang silefera kapa kgauta tlung ya morena hao?

9. Mang kapa mang wa bahlanka ba hao, eo senwelo seo se tla fumanwa ho yena, o tla shwa, mme le rona re tla ba makgoba a morena rona.”

10. Mookamedi eo a re: “A ho be jwalokaha le boletse. Eo se tla fumanwa ho yena e tla ba lekgoba la ka, mme lona ha le na ho ba le molato.”

11. Ba potlaka, e mong le e mong a bofolla mokotla wa hae, a o qhaqholla.

12. Yaba o a batla; a qala ka e moholo, a qetella ka wa ho fela, mme senwelo sa fumanwa ka mokotleng wa Benjamine.

13. Jwale ba hahola diaparo tsa bona, e mong le e mong a bofa tonki ya hae, mme ba kgutlela motseng.

14. Ha Juda le bana babo ba fihla tlung ya Josefa, Josefa o ne a sa le teng, mme ba itihela fatshe kapele ho yena.

15. Josefa a re ho bona: “Ke ketso nngwe ee, eo le e entseng? Na ruri ha le tsebe hore motho ya kang nna a ka noha?”

16. Yaba Juda o re: “Re ka hlola re sa reng ho morena ka? Re ka bua eng? Hona re ka itlhakola jwang? Modimo o senotse bokgopo ba bahlanka ba hao. Bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le eo senwelo se fumanweng ho yena.”

17. Empa Josefa a re: “Hase ntho eo nka e etsang? Motho eo senwelo se fumanweng ho yena e tla ba yena lekgoba. Ha e le lona ipoelleng ka kgotso ho ntata lona.”

Tshimoloho 44