18. Jwale Juda a atamela ho yena, a re: “Oho, morena ka, ako dumelle mohlanka wa hao hle, a bue lentswe le le leng feela ho morena ka, mme o se mo halefele, hobane o tshwana le Faro.
19. Morena ka, o botsitse bahlanka ba hao, wa re: <Na le na le ntata lona, kapa moena wa lona?>
20. Yaba re re ho morena ka: <Ntata rona o teng, o se a hodile; le moena rona o teng, ngwana ya fumanetsweng boqhekung. Moholwane wa hae o ne a shwe; ho bana ba mmae ke yena feela ya setseng, mme ntatae o mo rata haholo.>
21. “Yaba o re ho bahlanka ha hao: <Ntlisetseng yena, ke tle ke mmone.>
22. Ra re ho morena ka: <Ho thata hore mohlankanyana a ka tloha ho ntatae, hobane ha a ka tloha ntatae a ka shwa.>
23. Yaba o re ho bahlanka ba hao: <Ha le sa ntlele le moena lona, le ke ke la hlola le bona sefahleho sa ka.>
24. Ha re se re kgutletse ho mohlanka wa hao, ntata rona, re ile ra mmolella mantswe a morena rona.
25. “Yare ha ntata rona a re: <Boelang Egepeta, le yo re sella,>
26. ra re: <Re sitwa ho theohela teng. Re tla ya feela haeba moena rona a ka theoha le rona, hobane re ke ke ra bona sefahleho sa monna eo ha re sitwa ho ya le moena rona.>
27. “Yaba mohlanka wa hao, ntata rona, o re: <Le a tseba hore mohatsa ka o ntswaletse bara ba le babedi.
28. E mong o ntshiile, mme ka re: ruri o tsekolotswe ke dibatana, mme ha ke eso mmone ho fihlela jwale.
29. Jwale ha le ka nka le enwa, a tloha ho nna, mme a hlahelwa ke kotsi, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.>
30. “Jwale ha nka ka fihla ho ntate, mohlanka wa hao, mohlankanyana a le siyo, kaha pelo ya ntate e mo kgomaretse,
31. ha a bona hore ha a yo, o tla shwa, mme rona e tla ba re theoletse moriri o moputswa wa mohlanka wa hao, ntata rona, Nqalong ya Bafu ka maswabi.
32. Nna, mohlanka wa hao, ke itlamile ho ntate ka mohlankanyana, ka re: <Haeba ke sa mo kgutlisetse ho wena, ke tla ba molato ho ntate bophelong ba ka bohle.>
33. “Ke a o kopa he, o mpe o dumelle mohlanka wa hao ho sala sebakeng sa mohlankanyana, e le lekgoba la morena ka, mme o lese mohlankanyana a nyolohe le bana babo.
34. Jwale nka nyolohela jwang ho ntate, ha mohlankanyana a le siyo? Ke tshaba ho bona bomadimabe bo tla hlahela ntate.”