16. Yaba Juda o re: “Re ka hlola re sa reng ho morena ka? Re ka bua eng? Hona re ka itlhakola jwang? Modimo o senotse bokgopo ba bahlanka ba hao. Bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le eo senwelo se fumanweng ho yena.”
17. Empa Josefa a re: “Hase ntho eo nka e etsang? Motho eo senwelo se fumanweng ho yena e tla ba yena lekgoba. Ha e le lona ipoelleng ka kgotso ho ntata lona.”
18. Jwale Juda a atamela ho yena, a re: “Oho, morena ka, ako dumelle mohlanka wa hao hle, a bue lentswe le le leng feela ho morena ka, mme o se mo halefele, hobane o tshwana le Faro.
19. Morena ka, o botsitse bahlanka ba hao, wa re: <Na le na le ntata lona, kapa moena wa lona?>
20. Yaba re re ho morena ka: <Ntata rona o teng, o se a hodile; le moena rona o teng, ngwana ya fumanetsweng boqhekung. Moholwane wa hae o ne a shwe; ho bana ba mmae ke yena feela ya setseng, mme ntatae o mo rata haholo.>
21. “Yaba o re ho bahlanka ha hao: <Ntlisetseng yena, ke tle ke mmone.>
22. Ra re ho morena ka: <Ho thata hore mohlankanyana a ka tloha ho ntatae, hobane ha a ka tloha ntatae a ka shwa.>
23. Yaba o re ho bahlanka ba hao: <Ha le sa ntlele le moena lona, le ke ke la hlola le bona sefahleho sa ka.>
24. Ha re se re kgutletse ho mohlanka wa hao, ntata rona, re ile ra mmolella mantswe a morena rona.
25. “Yare ha ntata rona a re: <Boelang Egepeta, le yo re sella,>
26. ra re: <Re sitwa ho theohela teng. Re tla ya feela haeba moena rona a ka theoha le rona, hobane re ke ke ra bona sefahleho sa monna eo ha re sitwa ho ya le moena rona.>
27. “Yaba mohlanka wa hao, ntata rona, o re: <Le a tseba hore mohatsa ka o ntswaletse bara ba le babedi.