Tshimoloho 44:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale Josefa a laela mookamedi wa lelapa la hae, a re: “Tlatsa mekotla ya banna bana ka dijo tseo ba ka tsebang ho di nka, mme o kgutlisetse tjhelete ya e mong le e mong ka molomong wa mokotla wa hae.

2. Ka molomong wa mokotla wa wa ho fela, o kenye senwelo sa ka sa silefera, mmoho le tjhelete e rekileng koro ya hae.” Mookamedi a etsa kamoo Josefa a mo laetseng kateng.

3. Ha ho qala ho ela, banna bana ba dumellwa hore ba tsamaye le ditonki tsa bona.

4. Yare ba sa tswa tloha motseng, ba eso ye hole, Josefa a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Tsamaya, o phallele banna bao. Ha o fihla ho bona o re: <Ho ya kang ha le phetetsa botle ka bobe?

5. Na ha le na senwelo seo monga ka a nwelang ho sona; a bileng a laolang ka sona? Le entse bobe ka ho etsa jwalo!> ”

6. Mookamedi ha a fihla ho bona, a ba bolella mantswe ana.

7. Yaba ba re ho yena: “Ho ya kang ha morena rona a ka bua mantswe a tjee? Hase ntho eo bahlanka ba hao ba ka e etsang e jwalo!

Tshimoloho 44