Tshimoloho 43:5-15 BIBELE (SSO89SO)

5. Empa ha o sa dumele, ha re ka ke ra theoha, hobane monna eo o itse ho rona: <Le ke ke la bona sefahleho sa ka, haese ha le tlile le moena lona.> ”

6. Iseraele a re: “Le nketseditseng hampe, ka ho tsebisa monna eo hore ngwanabo lona e mong o teng?”

7. Ba araba, ba re: “Monna eo o ile a re botsisisa tsa rona le tsa bang ka rona, a re: <Na ntata lona o sa phela? Na le sa na le ngwanabo lona e mong?> Seo re mmoleletseng sona e bile karabo ya dipotso tsena. Re ne re ka tseba jwang hore qetellong o tla re: <Tloong le moena lona>?”

8. Jwale Juda a re ho ntatae, Iseraele: “Ntumelle ho tsamaya le mohlankanyana, mme re tla ya, e le hore re tle re phele, re se ke ra shwa, rona le wena, le bana ba rona.

9. Ke itlama ka yena; o tla mmatla ho nna. Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea matsohong a hao, ke tla ba molato ho wena bophelong ba ka bohle.

10. Hoja ha re a ka ra dieha, jwale re ka be re se re boetse habedi.”

11. Jwale ntata bona Iseraele a re ho bona: “Ha ho tlameha ho ba jwalo, etsang tjena: Nkang ditholwana tse kgahlehang tsa naha ena, le di tshele ka mekotleng ya lona, le di ise ho monna eo e le mpho: e be ditlolo, mahe a dinotshi, boroku, mmira, le ditholwana tsa sefate sa hoki, le tsa sefate sa mofuta wa perekisi.

12. Nkang tjhelete e lekanang le ya pele habedi, le busetse le tjhelete e neng e kgutle e kentswe mekotleng ya lona, mohlomong e ne e kgutle ka phoso.

13. Nkang le yena moena lona, le tsamaye le kgutlele ho monna eo.

14. Modimo ya matla wohle a ke a le fumantshe mohau ho monna eo, e le hore a tle a kgutlise ngwanabo lona e mong, esita le yena Benjamine, empa haeba nna ke amohuwa bana, ke hle ke ba amohuwe.”

15. Kahoo banna bana ba nka dimpho, ba nka le tjhelete e lekanang le ya pele habedi, le yena Benjamine, ba tsamaya ba theohela Egepeta, mme ba ya itlhahisa kapele ho Josefa.

Tshimoloho 43