Tshimoloho 43:2-9 BIBELE (SSO89SO)

2. Yare ha ba qetile ho ja koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: “Kgutlelang Egepeta, le yo re sella hape.”

3. Yaba Juda o a araba, o re: “Monna eo o re hlokomedisitse a tiile, a re: <Le ke ke la bona sefahleho sa ka, haese ha le tlile le moena lona.>

4. Haeba o re dumella ho ya le moena rona, re tla theoha, re yo o sella.

5. Empa ha o sa dumele, ha re ka ke ra theoha, hobane monna eo o itse ho rona: <Le ke ke la bona sefahleho sa ka, haese ha le tlile le moena lona.> ”

6. Iseraele a re: “Le nketseditseng hampe, ka ho tsebisa monna eo hore ngwanabo lona e mong o teng?”

7. Ba araba, ba re: “Monna eo o ile a re botsisisa tsa rona le tsa bang ka rona, a re: <Na ntata lona o sa phela? Na le sa na le ngwanabo lona e mong?> Seo re mmoleletseng sona e bile karabo ya dipotso tsena. Re ne re ka tseba jwang hore qetellong o tla re: <Tloong le moena lona>?”

8. Jwale Juda a re ho ntatae, Iseraele: “Ntumelle ho tsamaya le mohlankanyana, mme re tla ya, e le hore re tle re phele, re se ke ra shwa, rona le wena, le bana ba rona.

9. Ke itlama ka yena; o tla mmatla ho nna. Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea matsohong a hao, ke tla ba molato ho wena bophelong ba ka bohle.

Tshimoloho 43