Tshimoloho 43:15-34 BIBELE (SSO89SO)

15. Kahoo banna bana ba nka dimpho, ba nka le tjhelete e lekanang le ya pele habedi, le yena Benjamine, ba tsamaya ba theohela Egepeta, mme ba ya itlhahisa kapele ho Josefa.

16. Ha Josefa a bona Benjamine a ena le bona, a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Isa banna bana lapeng ha ka. O hlabe phoofolo, o e phehe, hobane ke tla ja dijo tsa motsheare le bona.”

17. Monna eo a etsa kamoo Josefa a boletseng kateng, a isa banna bao tlung ya Josefa.

18. Banna bao ba tshoha, hobane ba ne ba isitswe tlung ya Josefa, mme ba re: “Ke ka baka la tjhelete e neng e busetswe ka mekotleng ya rona ka lekgetlo la pele, re tlisitsweng mona, hore a tle a re lohele mano, a re tshware, a re etse makgoba a hae, a nke le ditonki tsa rona.”

19. Jwale ba atamela mookamedi wa lelapa la Josefa, ba bua le yena a le monyako wa ntlo,

20. ba re: “Oho, morena ka, ke nnete re ne re theohele kwano lekgetlo la pele ho tla sela.

21. Yare ha re fihla moo re robaleditseng teng, re qhaqholla mekotla ya rona, e mong le e mong wa rona a fumana tjhelete ya hae ka molomong wa mokotla wa hae, e ntse e le boimeng ba yona ba pele; jwale re e kgutlisitse.

22. Re tlile le tjhelete e nngwe hape, eo re tla sela ka yona. Ha re tsebe ya ileng a kenya tjhelete ya rona ka mekotleng ya rona.”

23. Yena a re: “Kgobang matshwafo; se tshabeng! Modimo wa lona, le Modimo wa ntata lona, ke yena ya le neileng letlotlo leo le ka mekotleng ya lona. Ke ile ka amohela tjhelete ya lona.” Jwale a ba tlisetsa Simeone.

24. Monna eo a ba isa tlung ya Josefa, a ba fa metsi, ba itlhatswa maoto; a fepa le ditonki tsa bona.

25. Yaba bona ba lokisa dimpho, ba emela hore Josefa a tle lapeng, motsheare o moholo, kaha ba ne ba utlwile hore ba tla tla ja le yena.

26. Ha Josefa a se a fihlile hae, ba mo nea dimpho tseo ba tlileng le tsona, ba inama kapele ho yena.

27. Jwale a ba botsa bophelo, a re: “Na ntata lona, monnamoholo eo le ileng la bua ka yena, o ya hantle? Na o ntse a phela?”

28. Ba re: “Mohlanka wa hao, ntata rona, o ya hantle, o sa ntse a phela.” Ba inama, ba itihela fatshe.

29. Ha a phahamisa mahlo, a bona ngwanabo Benjamine, eo ba nyantseng letswele le le leng le yena, mme a re: “Na eo ke moena lona wa ho fela, eo le ileng la bua ka yena ho nna?” Yaba o re ho Benjamine: “Modimo a ke a o hauhele, mora wa ka!”

30. Josefa a phakisa a tloha, kaha maikutlo a hae a ne a tshwenyehile ka baka la ngwanabo, a batla moo a ka llelang teng; yaba o kena ka kamoreng e kahare, o llela kateng.

31. Yaba o a iphotla, o a tswa, mme a itiisa, a re: “Tlisang dijo!”

32. Ba mmeela tsa hae a le mong, le tsa bona ba le bang, le tsa Baegepeta ba jang le yena ba le bang, hobane Baegepeta ha ba lokele ho ja le Baheberu, kaha hoo ke manyala ho Baegepeta.

33. Kahoo Baheberu ba dudiswa ba shebane le yena, e moholo ho ya ka tokelo ya hae ya boholo ba hae, le e monyenyane ho ya ka bonyenyane ba hae. Banna bao ba shebana ba maketse.

34. Yaba Josefa o laela hore ba abelwe dijo tse kapele ho yena, mme seabo sa Benjamine sa feta tsa ba bang bohle ha hlano. Ba enwa, mme ba thaba le yena.

Tshimoloho 43