5. Kahoo bara ba Iseraele ba ya reka koro, jwaloka bohle, hobane tlala e ne e wele naheng ya Kanana.
6. Josefa e ne e le mmusi wa naha; e le yena ya rekisetsang batho bohle ba lefatshe koro. Bana babo Josefa le bona ba tla, ba inama, kapele ho yena.
7. Josefa a bona bana bao babo, mme a ba tseba, empa a itimeletsa bona, a ba kgarumela hampe, a re: “Le tswa kae?”Ba re: “Re tswa naheng ya Kanana, re tlilo sela.”
8. Yaba Josefa o tseba bana babo, empa bona ba se ke ba mo tseba.
9. Josefa a hopola ditoro tseo a kileng a di lora ka bona, mme a re ho bona: “Le dihlwela tse tlilo lekola bofokodi ba naha eo le e etetseng.”
10. Ba re ho yena: “Tjhe, morena, bahlanka ba hao ba tlilo sela.
11. Bohle re bara ba motho, re batho ba nnete; bahlanka ba hao hase dihlwela.”
12. Josefa a boela a re ho bona: “Tjhe, le tlilo lekola bofokodi ba naha.”
13. Yaba ba re: “Rona, bahlanka ba hao, re leshome le metso e mmedi, re bara ba motho, naheng ya Kanana. Bona, hona jwale wa ho fela o setse le ntata rona, athe e mong o se a shwele.”
14. Empa Josefa a re ho bona: “Ho jwalokaha ke le boleletse; le dihlwela.
15. Le tla nkgodisa tjena: Ke hlapanya ka Faro ya phelang, ha le ka ke la tloha mona, haese haeba moena lona wa ho fela a ka tla mona.
16. Romelang e mong wa lona, a yo lata moena lona; lona le tla sala tjhankaneng, ho tle ho bonahale bonnete ba mantswe a lona; ho seng jwalo, ke hlapanya ka Faro ya phelang, ruri le dihlwela.”
17. Yaba o ba kenya tjhankaneng matsatsi a mararo.
18. Ka letsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: “Etsang tjena, le tle le phele, hobane ke tshaba Modimo:
19. haeba le batho ba nnete, siyang e mong wa lona tjhankaneng, lona le tsamaye, le ise dijo malapeng a lona a lapang.
20. Jwale le ntlisetse moena lona, mantswe a lona a tle e netefale, mme ha le ka ke la shwa.” Yaba ba etsa jwalo.
21. Jwale ba buisana tjena: “Ruri re molato ka baka la ngwanabo rona, eo leha re ne re bona mahlomola a moya wa hae ha a re rapela, re sa kang ra mamela; ke ka hona mahlomola ana a re hlahetseng.”
22. Yaba Rubene o a ba araba, o re: “Na ke ne se ke ke le bolella hore le se ke la sitelwa mohlankanyana, empa la se ke la mamela? Bonang jwale, madi a hae a batlwa ho rona.”
23. Ba ne ba sa tsebe hore Josefa o a ba utlwa, kaha a ne a bua le bona ka mofetoledi.
24. Yaba Josefa, o a ba furalla, o a lla. A boela a retelehela ho bona, a buisana le bona, yaba o nka Simeone, o mo tlama ba ntse ba bona.