Tshimoloho 42:28-35 BIBELE (SSO89SO)

28. Yaba o re ho bana babo: “Tjhelete ya ka e kgutlisitswe; ke ena ka mokotleng wa ka!”Ba sehwa ke letswalo, mme ba buisana ba tshohile, ba re: “Ke eng ee, eo Modimo a e entseng ho rona?”

29. Mohla ba fihlang ho ntata bona, naheng ya Kanana, ba mo phetela tse ba hlahetseng, ba re:

30. “Monna eo e leng mmusi wa naha o ile a re kgarumela hampe, a hopola hore re dihlwela tse tlilo lekola naha.

31. Empa ra re ho yena: <Re batho ba nnete, ha re dihlwela.

32. Re bara ba motho ba leshome le metso e mmedi; e mong o se a shwele, athe hona jwale wa ho fela o ho ntata rona, naheng ya Kanana.>

33. “Jwale monna eo, mmusi wa naha, a re ho rona: <Ke tla tseba hore le batho ba nnete ha le ka la siya e mong wa lona mona ho nna la itsamayela la isa dijo malapeng a lona a lapang.

34. Le ntlisetse moena lona wa ho fela, ke tle ke tsebe hore ha le dihlwela, le batho ba nnete. Ke tla le lokollela ngwanabo lona, le itsamaele naheng ena ka bolokolohi.> ”

35. Ha ba tsholla mekotla ya bona, bonang, e mong le e mong a fumana sephuthelwana sa tjhelete ya hae ka mokotleng wa hae; taba ena ya ba tshosa mmoho le ntata bona.

Tshimoloho 42