Tshimoloho 42:16-30 BIBELE (SSO89SO)

16. Romelang e mong wa lona, a yo lata moena lona; lona le tla sala tjhankaneng, ho tle ho bonahale bonnete ba mantswe a lona; ho seng jwalo, ke hlapanya ka Faro ya phelang, ruri le dihlwela.”

17. Yaba o ba kenya tjhankaneng matsatsi a mararo.

18. Ka letsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: “Etsang tjena, le tle le phele, hobane ke tshaba Modimo:

19. haeba le batho ba nnete, siyang e mong wa lona tjhankaneng, lona le tsamaye, le ise dijo malapeng a lona a lapang.

20. Jwale le ntlisetse moena lona, mantswe a lona a tle e netefale, mme ha le ka ke la shwa.” Yaba ba etsa jwalo.

21. Jwale ba buisana tjena: “Ruri re molato ka baka la ngwanabo rona, eo leha re ne re bona mahlomola a moya wa hae ha a re rapela, re sa kang ra mamela; ke ka hona mahlomola ana a re hlahetseng.”

22. Yaba Rubene o a ba araba, o re: “Na ke ne se ke ke le bolella hore le se ke la sitelwa mohlankanyana, empa la se ke la mamela? Bonang jwale, madi a hae a batlwa ho rona.”

23. Ba ne ba sa tsebe hore Josefa o a ba utlwa, kaha a ne a bua le bona ka mofetoledi.

24. Yaba Josefa, o a ba furalla, o a lla. A boela a retelehela ho bona, a buisana le bona, yaba o nka Simeone, o mo tlama ba ntse ba bona.

25. Josefa a laela hore mekotla ya bona e tlatswe koro; le hore ho kgutlisetswe tjhelete ya e mong le e mong ka mokotleng wa hae; le hore ba fuwe mofao. Ba etsetswa jwalo.

26. Jwale ba bofa koro ya bona ditonking tsa bona, ba tsamaya.

27. Moo ba robaleditseng teng, ha e mong wa bona a qhaqholla mokotla wa hae, ho fepa tonki ya hae, a fumana tjhelete ya hae e le teng ka molomong wa mokotla wa hae.

28. Yaba o re ho bana babo: “Tjhelete ya ka e kgutlisitswe; ke ena ka mokotleng wa ka!”Ba sehwa ke letswalo, mme ba buisana ba tshohile, ba re: “Ke eng ee, eo Modimo a e entseng ho rona?”

29. Mohla ba fihlang ho ntata bona, naheng ya Kanana, ba mo phetela tse ba hlahetseng, ba re:

30. “Monna eo e leng mmusi wa naha o ile a re kgarumela hampe, a hopola hore re dihlwela tse tlilo lekola naha.

Tshimoloho 42