Tshimoloho 41:7-16 BIBELE (SSO89SO)

7. Yaba diqwapi tse manneng di kwenya diqwapi tse tenya, tse nonneng. Faro a boela a phaphama, mme a hlokomela hore o a lora.

8. Hoseng a tsoha moya wa hae o tshwenyehile; a re ho latwe dinohe tsohle tsa Egepeta, le bahlalefi bohle ba hona teng. Faro a ba phetela toro ya hae, empa ha se ke ha eba le ya mong ya ka mo hlalosetsang yona.

9. Jwale moqhatsetsi e moholo a bua le Faro, a re: “Kajeno ke hopola diphoso tsa ka.

10. Mohla Faro a neng a halefetse bahlanka ba hae, a na a nkenya tjhankaneng, tlung ya mookamedi wa balebedi ba tjhankana, ke ena le moapehi e moholo.

11. Ka bosiu bo bong, rona le yena ra lora toro; e mong le e mong a lora toro ya hae, e nang le tlhaloso ya yona.

12. Mohlankanyana wa Moheberu, eo e neng e le mosebeletsi wa mookamedi wa balebedi ba tjhankana, o ne a ena le rona. Ra mo phetela ditoro tsa rona, mme a re hlalosetsa tsona, a hlalosetsa e mong le e mong ho ya ka toro ya hae.

13. Jwalokaha a ile a re hlalosetsa, ho ile ha etsahala jwalo; nna ke ile ka kgutlisetswa mosebetsing wa ka, mme moapehi yena o ile a fanyehwa.”

14. Faro a re ho tliswe Josefa, mme ba phakisa ba mo ntsha tjhankaneng. Josefa a beola ditedu, a apara diaparo disele, yaba o tliswa kapele ho Faro.

15. Faro a re ho Josefa: “Ke lorile toro, mme ha ho le ya mong ya ka e hlalosang, empa ke utlwile ho thwe wena ha o utlwa toro, o ye o e hlalose.”

16. Josefa a arabela Faro, a re: “Hase nna; ke Modimo ya tla senolela Faro tse molemo.”

Tshimoloho 41