Tshimoloho 41:53-57 BIBELE (SSO89SO)

53. Yaba dilemo tsa nala, tse neng di le teng naheng ya Egepeta, di a feta,

54. mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla jwalokaha Josefa a ne a boletse. Tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta dijo di ne di le teng.

55. Ha naha yohle ya Egepeta e se e lapa, setjhaba sa llela Faro hore a se fe dijo, mme Faro a re ho Baegepeta bohle: “Eyang ho Josefa, le etse seo a le bolellang sona.”

56. Ha tlala e se e aparetse lefatshe lohle, Josefa a bula disiu tsohle, mme a rekisetsa Baegepeta koro, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Egepeta.

57. Dinaha tsohle tsa tla Egepeta, ho Josefa, ho reka koro, kaha lefatshe lohle le ne le aparetswe ke tlala ya bojadikata.

Tshimoloho 41