Tshimoloho 41:46-55 BIBELE (SSO89SO)

46. Josefa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a kena tshebeletsong ya Faro, kgosi ya Egepeta. Josefa a tloha ho Faro, a potoloha le naha yohle ya Egepeta.

47. Ka dilemo tsena tse supileng tsa nala, lefatshe la eba le tjhai e kgolo,

48. mme Josefa a bokella dijo tsohle tsa dilemo tseo tse supileng, tse neng di le teng naheng ya Egepeta, a di boloka metseng. Dijo tse tswang masimong a motse o mong le o mong a di boloka motseng oo.

49. Josefa a bokella koro e ngata haholo, jwaloka lehlabathe la lewatle, ho fihlela a kgaotsa ho e bala, hobane e ne e ke ke ya balwa.

50. Pele selemo sa tlala se fihla, Josefa a ba le bara ba babedi bao a ileng a ba tswallwa ke Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One.

51. Josefa a rea letsibolo la hae lebitso la Manase, hobane o ne a re: “Modimo o ntebaditse matshwenyeho a ka wohle, le lelapa lohle la ntate.”

52. Wa bobedi a mo rea lebitso la Efraime, hobane o ne a re: “Modimo o mphile bana lefatsheng la matshwenyeho a ka.”

53. Yaba dilemo tsa nala, tse neng di le teng naheng ya Egepeta, di a feta,

54. mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla jwalokaha Josefa a ne a boletse. Tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta dijo di ne di le teng.

55. Ha naha yohle ya Egepeta e se e lapa, setjhaba sa llela Faro hore a se fe dijo, mme Faro a re ho Baegepeta bohle: “Eyang ho Josefa, le etse seo a le bolellang sona.”

Tshimoloho 41