41. Faro a re ho Josefa: “Bona, ke o beile hodima naha yohle ya Egepeta.”
42. Jwale Faro a ntsha lesale la hae la monwana, a le kenya monwaneng wa Josefa; a mo apesa diaparo tse entsweng ka lesela la lene, mme a mo rwesa sekgama sa kgauta molaleng.
43. A mo palamisa kariking e hlahlamang ya hae, mme batho ba howa, ba re: “Suthang!”Ka mokgwa o jwalo a mmea hodima naha yohle ya Egepeta.
44. Faro a re ho Josefa: “Ke nna Faro! Kantle ho tumello ya hao ha ho motho ya tla phahamisa letsoho kapa leoto naheng ya Egepeta.”
45. Faro a rea Josefa lebitso la Safenate-Paniya, mme a mo nyadisa Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One. Josefa a ya lekola naha yohle ya Egepeta.
46. Josefa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a kena tshebeletsong ya Faro, kgosi ya Egepeta. Josefa a tloha ho Faro, a potoloha le naha yohle ya Egepeta.
47. Ka dilemo tsena tse supileng tsa nala, lefatshe la eba le tjhai e kgolo,
48. mme Josefa a bokella dijo tsohle tsa dilemo tseo tse supileng, tse neng di le teng naheng ya Egepeta, a di boloka metseng. Dijo tse tswang masimong a motse o mong le o mong a di boloka motseng oo.
49. Josefa a bokella koro e ngata haholo, jwaloka lehlabathe la lewatle, ho fihlela a kgaotsa ho e bala, hobane e ne e ke ke ya balwa.
50. Pele selemo sa tlala se fihla, Josefa a ba le bara ba babedi bao a ileng a ba tswallwa ke Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One.