Tshimoloho 41:35-44 BIBELE (SSO89SO)

35. Ba phuthe dijo tsohle tsa dilemo tsena tsa nala tse tlang, ba bokelle koro e be tlasa taolo ya Faro, mme ba e boloke, e tle e be dijo metseng.

36. Dijo tseo di bolokelwe dilemo tse supileng tsa tlala e tla wela naha ya Egepeta, e le hore naha ena e se ke ya timetswa ke tlala.”

37. Keletso ena ya kgahla Faro, ya kgahla le bahlanka ba hae bohle.

38. Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: “Na re ka fumana monna ya kang eo; monna eo moya wa Modimo o leng teng ka ho yena?”

39. Faro a re ho Josefa: “Kaha Modimo a o senoletse tsena tsohle, ha ho ya masene, le ya bohlale jwaloka wena.

40. O tla okamela lelapa la ka.“Setjhaba sa ka sohle se tla hlompha ditaelo tsa hao, mme nna ke tla o feta feela ka ho dula teroneng.”

41. Faro a re ho Josefa: “Bona, ke o beile hodima naha yohle ya Egepeta.”

42. Jwale Faro a ntsha lesale la hae la monwana, a le kenya monwaneng wa Josefa; a mo apesa diaparo tse entsweng ka lesela la lene, mme a mo rwesa sekgama sa kgauta molaleng.

43. A mo palamisa kariking e hlahlamang ya hae, mme batho ba howa, ba re: “Suthang!”Ka mokgwa o jwalo a mmea hodima naha yohle ya Egepeta.

44. Faro a re ho Josefa: “Ke nna Faro! Kantle ho tumello ya hao ha ho motho ya tla phahamisa letsoho kapa leoto naheng ya Egepeta.”

Tshimoloho 41