Tshimoloho 41:32-44 BIBELE (SSO89SO)

32. “Ho ipheta ha toro ena ya Faro ho bolela hore ntho ena Modimo o e tiisitse, mme haufinyane Modimo o tla e phethahatsa.

33. “Jwale eka kgona Faro a batle monna ya bohlale, ya masene, a okamele naha ya Egepeta.

34. Faro a ke a etse tjena: a kgethe baokamedi hodima naha ena, mme ba nke karolo e le nngwe ho tse hlano tsa kotulo ya naha ya Egepeta, dilemong tsena tse supileng tsa nala.

35. Ba phuthe dijo tsohle tsa dilemo tsena tsa nala tse tlang, ba bokelle koro e be tlasa taolo ya Faro, mme ba e boloke, e tle e be dijo metseng.

36. Dijo tseo di bolokelwe dilemo tse supileng tsa tlala e tla wela naha ya Egepeta, e le hore naha ena e se ke ya timetswa ke tlala.”

37. Keletso ena ya kgahla Faro, ya kgahla le bahlanka ba hae bohle.

38. Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: “Na re ka fumana monna ya kang eo; monna eo moya wa Modimo o leng teng ka ho yena?”

39. Faro a re ho Josefa: “Kaha Modimo a o senoletse tsena tsohle, ha ho ya masene, le ya bohlale jwaloka wena.

40. O tla okamela lelapa la ka.“Setjhaba sa ka sohle se tla hlompha ditaelo tsa hao, mme nna ke tla o feta feela ka ho dula teroneng.”

41. Faro a re ho Josefa: “Bona, ke o beile hodima naha yohle ya Egepeta.”

42. Jwale Faro a ntsha lesale la hae la monwana, a le kenya monwaneng wa Josefa; a mo apesa diaparo tse entsweng ka lesela la lene, mme a mo rwesa sekgama sa kgauta molaleng.

43. A mo palamisa kariking e hlahlamang ya hae, mme batho ba howa, ba re: “Suthang!”Ka mokgwa o jwalo a mmea hodima naha yohle ya Egepeta.

44. Faro a re ho Josefa: “Ke nna Faro! Kantle ho tumello ya hao ha ho motho ya tla phahamisa letsoho kapa leoto naheng ya Egepeta.”

Tshimoloho 41