Tshimoloho 41:24-39 BIBELE (SSO89SO)

24. Yaba diqwapi tse manneng di kwenya tse supileng, tse ntle. Ke ile ka phetela dinohe, empa ha ho le se seng se ka ntlhalosetsang.”

25. Yaba Josefa o re ho Faro: “Ditoro tsena tsa Faro ke ntho e le nngwe; Modimo o senoletse Faro seo a leng lekgatheng la ho se etsa.

26. “Dikgomo tse supileng, tse ntle, ke dilemo tse supileng; le diqwapi tse supileng, tse ntle, ke dilemo tse supileng, mme toro tsena ke ntho e le nngwe.

27. Dikgomo tse supileng, tse otileng, tse mpe, tse ileng tsa nyoloha kamora tsona, ke dilemo tse supileng; le diqwapi tse supileng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela, e tla ba dilemo tse supileng tsa tlala.

28. “Ke sona seo ke se boleletseng Faro, ha ke re: <Modimo o bontshitse Faro seo a leng lekgatheng la ho se etsa.>

29. “Bona, dilemo tse supileng tsa nala e kgolo di tla tla naheng yohle ya Egepeta.

30. Kamorao ho tsona ho tla fihla dilemo tse supileng tsa tlala, mme nala yohle e tla lebalwa naheng ya Egepeta. Tlala ena e tla senya naha ena,

31. mme nala e ke ke ya hlola e tsejwa naheng ena ka baka la tlala e tla latela, hobane e tla ba kgolo haholo.

32. “Ho ipheta ha toro ena ya Faro ho bolela hore ntho ena Modimo o e tiisitse, mme haufinyane Modimo o tla e phethahatsa.

33. “Jwale eka kgona Faro a batle monna ya bohlale, ya masene, a okamele naha ya Egepeta.

34. Faro a ke a etse tjena: a kgethe baokamedi hodima naha ena, mme ba nke karolo e le nngwe ho tse hlano tsa kotulo ya naha ya Egepeta, dilemong tsena tse supileng tsa nala.

35. Ba phuthe dijo tsohle tsa dilemo tsena tsa nala tse tlang, ba bokelle koro e be tlasa taolo ya Faro, mme ba e boloke, e tle e be dijo metseng.

36. Dijo tseo di bolokelwe dilemo tse supileng tsa tlala e tla wela naha ya Egepeta, e le hore naha ena e se ke ya timetswa ke tlala.”

37. Keletso ena ya kgahla Faro, ya kgahla le bahlanka ba hae bohle.

38. Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: “Na re ka fumana monna ya kang eo; monna eo moya wa Modimo o leng teng ka ho yena?”

39. Faro a re ho Josefa: “Kaha Modimo a o senoletse tsena tsohle, ha ho ya masene, le ya bohlale jwaloka wena.

Tshimoloho 41