15. Faro a re ho Josefa: “Ke lorile toro, mme ha ho le ya mong ya ka e hlalosang, empa ke utlwile ho thwe wena ha o utlwa toro, o ye o e hlalose.”
16. Josefa a arabela Faro, a re: “Hase nna; ke Modimo ya tla senolela Faro tse molemo.”
17. Yaba Faro o re ho Josefa: “Bona, torong ya ka ke ne ke eme lebopong la noka.
18. Ka bona dithole tse supileng, tse ntle, tse nonneng di nyoloha nokeng, di ntse di fula mohlakeng.
19. Ka boela ka bona dithole tse ding tse supileng di di latela; di tsherema, di le mpe haholo, di otile. Naheng yohle ya Egepeta ha ke eso bone tse jwaloka tsona ka bobe.
20. Dithole tse mpe, tse otileng, tsa kwenya dithole tsa pele tse supileng, tse nonneng,
21. empa hoba di di kwenye ho ne ho sa bonahale hore di kile tsa di kwenya, hobane di nnile tsa sala di le mpe jwaloka pele. Yaba ke a phaphama.
22. “Ka boela ka lora ke bona diqwapi tse supileng di mela lehlakeng le le leng, di le tenya, di le ntle.