Tshimoloho 41:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamora hoba lemo tse pedi di fete, Faro a lora, mme a ipona a eme pela noka.

2. A bona dikgomo tsa dithole tse supileng, tse ntle, tse nonneng, di nyoloha nokeng,Noka eo ke Nile. di ntse di fula mohlakeng.

3. A boela a bona dithole tse ding tse supileng, tse mpe, tse otileng, di nyoloha nokengNoka eo ke Nile. kamora tseo, di ema pela tse lebopong.

4. Yaba dikgomo tse mpe, tse otileng, di kwenya dikgomo tse ntle, tse nonneng. Jwale Faro a phaphama.

5. A boela a kgaleha, a lora kgetlo la bobedi, mme a bona diqwapi tse supileng tsa koro, tse tenya, tse ntle, di mela lehlakeng le le leng.

6. Kamora tseo ha mela tse supileng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela.

7. Yaba diqwapi tse manneng di kwenya diqwapi tse tenya, tse nonneng. Faro a boela a phaphama, mme a hlokomela hore o a lora.

8. Hoseng a tsoha moya wa hae o tshwenyehile; a re ho latwe dinohe tsohle tsa Egepeta, le bahlalefi bohle ba hona teng. Faro a ba phetela toro ya hae, empa ha se ke ha eba le ya mong ya ka mo hlalosetsang yona.

9. Jwale moqhatsetsi e moholo a bua le Faro, a re: “Kajeno ke hopola diphoso tsa ka.

Tshimoloho 41