Tshimoloho 40:4-12 BIBELE (SSO89SO)

4. Mookamedi wa balebedi ba tjhankana a laela Josefa hore a ba sebeletse, a ba fepe, mme ba qeta nako e itseng ba ntse ba kwaletswe.

5. Ka bosiu bo bong, ba neng ba kwaletswe tjhankaneng, e leng moqhatsetsi le moapehi wa kgosi ya Egepeta, bobedi ba bona ba lora ditoro; monna ka mong a lora toro ya hae, e nang le tlhaloso ya yona.

6. Hoseng, ha Josefa a kena ka ho bona, a ba sheba, a bona ba tshwenyehile.

7. Yaba o botsa basebeletsi bao ba Faro ba neng ba kwaletswe le yena tlung ya monga hae, o re: “Keng ha difahleho tsa lona di hlwentse kajeno?”

8. Ba re ho yena: “Re lorile ditoro, me ha ho ya re hlalosetsang tsona.”Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso hase tsa Modimo? Mpolelleng ditoro tseo, ke a le kopa.”

9. Yaba moqhatsetsi e moholo o phetela Josefa toro ya hae, o re ho yena: “Torong ya ka ke bone sefate sa morara se le kapele ho nna,

10. mme sefateng seo sa morara ho ne ho ena le makala a mararo. Yare ha se fuputsa, sa be se se se thunya hanghang, mme morara o butswa.

11. Senwelo sa Faro se ne se le ka letsohong la ka; yaba ke nka morara, ke o tlhotlela ka senwelong seo sa Faro, ka se nea Faro letsohong.”

12. Josefa a re ho yena: “Tlhaloso ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo.

Tshimoloho 40