Tshimoloho 40:15-23 BIBELE (SSO89SO)

15. Ruri nna ke utswitswe naheng ya Baheberu, mme le mona ha ke a etsa letho la hore ebe ba nkentse tjhankaneng.”

16. Ha moapehi e moholo a bona hore tlhaloso eo e a thabisa, le yena a re ho Josefa: “Le nna ke ile ka lora toro. Ke ne ke rwetse diroto tse tharo tsa bohobe;

17. serotong se kahodimodimo ho ne ho ena le mefuta yohle ya dijo tseo ke di apehetseng Faro, empa dinonyana di ne di di ja, di di ntsha ka serotong se hloohong ya ka.”

18. Josefa a arabela, a re: “Tlhaloso ya yona ke ena: diroto tse tharo ke matsatsi a mararo.

19. Kamora matsatsi a mararo, Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o kgaole hlooho, a o leketlise sefateng, mme dinonyana di tla ja nama ya hao.”

20. Jwale ka letsatsi la boraro, leo e neng e le letsatsi la tswalo ya Faro, Faro a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete. A ntsha moqhatsetsi e moholo le moapehi e moholo tjhankaneng, moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona.

21. A busetsa moqhatsetsi e moholo mosebetsing wa hae wa boqhatsetsi, mme a nea Faro senwelo letsohong,

22. empa Faro a fanyeha moapehi e moholo jwalokaha Josefa a ne a ba hlaloseditse.

23. Moqhatsetsi e moholo a se ke a hlola a hopola Josefa, a mo lebala.

Tshimoloho 40