Tshimoloho 40:14-19 BIBELE (SSO89SO)

14. Feela o nne o nkgopole ha o se o lokolohile. Ke a o kopa, o ntswele molemo, o bue ka nna ho Faro, o nntshe tlung ena.

15. Ruri nna ke utswitswe naheng ya Baheberu, mme le mona ha ke a etsa letho la hore ebe ba nkentse tjhankaneng.”

16. Ha moapehi e moholo a bona hore tlhaloso eo e a thabisa, le yena a re ho Josefa: “Le nna ke ile ka lora toro. Ke ne ke rwetse diroto tse tharo tsa bohobe;

17. serotong se kahodimodimo ho ne ho ena le mefuta yohle ya dijo tseo ke di apehetseng Faro, empa dinonyana di ne di di ja, di di ntsha ka serotong se hloohong ya ka.”

18. Josefa a arabela, a re: “Tlhaloso ya yona ke ena: diroto tse tharo ke matsatsi a mararo.

19. Kamora matsatsi a mararo, Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o kgaole hlooho, a o leketlise sefateng, mme dinonyana di tla ja nama ya hao.”

Tshimoloho 40