10. mme sefateng seo sa morara ho ne ho ena le makala a mararo. Yare ha se fuputsa, sa be se se se thunya hanghang, mme morara o butswa.
11. Senwelo sa Faro se ne se le ka letsohong la ka; yaba ke nka morara, ke o tlhotlela ka senwelong seo sa Faro, ka se nea Faro letsohong.”
12. Josefa a re ho yena: “Tlhaloso ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo.
13. Kamora matsatsi a mararo Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o busetse mosebetsing wa hao, mme o tla nea Faro senwelo sa hae letsohong jwaloka pele, ha o ne o le moqhatsetsi wa hae.
14. Feela o nne o nkgopole ha o se o lokolohile. Ke a o kopa, o ntswele molemo, o bue ka nna ho Faro, o nntshe tlung ena.
15. Ruri nna ke utswitswe naheng ya Baheberu, mme le mona ha ke a etsa letho la hore ebe ba nkentse tjhankaneng.”
16. Ha moapehi e moholo a bona hore tlhaloso eo e a thabisa, le yena a re ho Josefa: “Le nna ke ile ka lora toro. Ke ne ke rwetse diroto tse tharo tsa bohobe;