Tshimoloho 40:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha tsena di se di fetile, moqhatsetsi wa kgosi ya Egepeta le moapehi wa yona ba kgopisa morena wa bona, kgosi ya Egepeta.

2. Faro a halefela basebeletsi bao ba hae ba babedi, e leng moqhatsetsi e moholo, le moapehi e moholo,

3. mme a ba bea tlung ya mookamedi wa balebedi, e ka tjhankaneng, moo Josefa a neng a kwaletswe teng.

4. Mookamedi wa balebedi ba tjhankana a laela Josefa hore a ba sebeletse, a ba fepe, mme ba qeta nako e itseng ba ntse ba kwaletswe.

5. Ka bosiu bo bong, ba neng ba kwaletswe tjhankaneng, e leng moqhatsetsi le moapehi wa kgosi ya Egepeta, bobedi ba bona ba lora ditoro; monna ka mong a lora toro ya hae, e nang le tlhaloso ya yona.

6. Hoseng, ha Josefa a kena ka ho bona, a ba sheba, a bona ba tshwenyehile.

Tshimoloho 40