7. Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.”
8. Kaine a re ho Abele, moena hae: “A re ye naheng.” Jwale yare ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moena hae matla, a mmolaya.
9. Morena a re ho Kaine: “Ngwaneno, Abele, o kae?”Kaine a araba, a re: “Ha ke tsebe! Na ke nna modisana wa ngwaneso?”
10. Morena a re: “O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le ipiletsa ho nna le etswa mobung.
11. Kahoo o rohakehile, mme o lelekilwe mobung oo madi a ngwaneno, a tsholotsweng ke letsoho la hao, a monyetseng ho wona.
12. Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.”
13. Kaine a re ho Morena: “Kotlo ya ka e kgolo hoo ke sitwang ho e mamella.
14. Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”
15. Morena a re ho yena: “Ka baka leo, mang le mang ya tla bolaya Kaine, polao eo e tla pheteletswa hasupa.” Yaba Morena o tshwaya Kaine, esere ya mmonang a mmolaya.
16. Kaine a tloha pela Morena, a ya aha lefatsheng la Nodo, ka botjhabela ho Edene.
17. Kaine a kena dikobong tsa mosadi wa hae; mosadi a ithwala, a tswala Henoke. Kaine a haha motse, a o reella ka mora wa hae, Henoke.
18. Henoke a tswala Irade; Irade a tswala Mehuyaele; Mehuyaele a tswala Methushaele; Methushaele a tswala Lameke.
19. Lameke a nyala basadi ba babedi: lebitso la e mong e ne e le Ada, la e mong e le Silla.
20. Ada a tswala Jabale, eo e leng ntata ba neng ba phela ditenteng, ba ruileng mehlape.
21. Lebitso la moena hae e ne e le Jubale, eo e leng ntata bohle ba neng ba letsa makodilo le diphala.
22. Silla yena a tswala Tubale-Kaine, eo e neng e le lelala la dintho tse entsweng ka lethose le tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-Kaine e ne e le Naama.