Tshimoloho 4:22-26 BIBELE (SSO89SO)

22. Silla yena a tswala Tubale-Kaine, eo e neng e le lelala la dintho tse entsweng ka lethose le tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-Kaine e ne e le Naama.

23. Yaba Lameke o re ho basadi ba hae:“Ada le Silla, utlwang lentswe la ka;lona basadi ba Lameke,mamelang polelo ya ka:ke bolaile mothoya mpatileng leoma,le mohlankana ya nteteditseng.

24. Haeba Kaine a pheteletswa hasupa,Lameke yena e tla bahamashome a supileng hasupa.”

25. Adama a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae, mosadi a mo tswalla mora eo a ileng a mo rea lebitso la Seta. Eva a re: “Modimo o mphile ngwana e mong bakeng sa Abele, hobane Kaine o ne a mmolaye.”

26. Seta le yena a ba le mora, mme a mo rea lebitso la Enoshe.Jwale batho ba qala ho rapela Morena.

Tshimoloho 4