Tshimoloho 4:12-22 BIBELE (SSO89SO)

12. Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.”

13. Kaine a re ho Morena: “Kotlo ya ka e kgolo hoo ke sitwang ho e mamella.

14. Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”

15. Morena a re ho yena: “Ka baka leo, mang le mang ya tla bolaya Kaine, polao eo e tla pheteletswa hasupa.” Yaba Morena o tshwaya Kaine, esere ya mmonang a mmolaya.

16. Kaine a tloha pela Morena, a ya aha lefatsheng la Nodo, ka botjhabela ho Edene.

17. Kaine a kena dikobong tsa mosadi wa hae; mosadi a ithwala, a tswala Henoke. Kaine a haha motse, a o reella ka mora wa hae, Henoke.

18. Henoke a tswala Irade; Irade a tswala Mehuyaele; Mehuyaele a tswala Methushaele; Methushaele a tswala Lameke.

19. Lameke a nyala basadi ba babedi: lebitso la e mong e ne e le Ada, la e mong e le Silla.

20. Ada a tswala Jabale, eo e leng ntata ba neng ba phela ditenteng, ba ruileng mehlape.

21. Lebitso la moena hae e ne e le Jubale, eo e leng ntata bohle ba neng ba letsa makodilo le diphala.

22. Silla yena a tswala Tubale-Kaine, eo e neng e le lelala la dintho tse entsweng ka lethose le tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-Kaine e ne e le Naama.

Tshimoloho 4