1. Adama a kena dikobong tsa mosadi wa hae, Eva; mosadi a ithwala, a tswala Kaine. Yaba Eva o re: “Ke fumane monna ka thuso ya Morena.”
2. A boela a tswala Abele, moena Kaine.Abele e ne e le modisa wa dinku, athe Kaine yena e ne e le molemi.
3. Ha nako e ntse e eya, Kaine a tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya.
4. Abele le yena a mo tlisetsa matsibolo a nonneng a mohlape wa hae. Morena a kgahlwa ke Abele le nyehelo ya hae,
5. empa a se ke a kgahlwa ke Kaine le nyehelo ya hae. Kaine a halefa haholo, sefahleho sa hae sa tsunkana.
6. Morena a re ho Kaine: “O halefetseng? Ke ka baka lang ha sefahleho sa hao se tsunkane?
7. Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.”