4. A emola hape, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Onane.
5. A boela a tswala mora, a mo rea lebitso la Shela. Juda o ne a le Kesibe ha Hira a tswala mora eo.
6. Yaba Juda o nyadisa Ere, letsibolo la hae; lebitso la mosadi wa hae e ne e le Tamare.
7. Empa Ere, letsibolo la Juda, e ne e le motho ya kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya.
8. Yaba Juda o re ho Onane: “Kenela mohatsa moholwane wa hao, o mo tswalle bana, kaha o ngwanabo monna wa hae.”
9. Empa Onane o ne a tseba hore bana bao ha e na ho ba bana ba hae; kahoo ha a ne a kena dikobong tsa mosadi wa ngwanabo, o ne a ye a e tjhomolele, esere a tswalla ngwanabo bana.
10. Seo a ileng a se etsa sa eba sebe mahlong a Morena, mme le yena Morena a mmolaya. Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae:
11. “Kgutlela heno, mme o itulele o le mohlolohadi, ho fihlela mora wa ka Shela a hola.” O ne a tshaba hore Shela le yena o tla shwa jwaloka bana babo. Yaba Tamare o a tsamaya, o ya dula habo.
12. Ha nako e ntse e tswela pele, mosadi wa Juda, moradi wa Shua, a shwa. Ha Juda a se a tshedisehile, a nyolohela Timina ho bakuti ba dinku tsa hae, a ena le motswalle wa hae Hira, wa Adulame.
13. Ha Tamare a bolellwa, ho thwe: “Matsala hao o nyolohela Timina ho ya kuta dinku tsa hae,”
14. a hlobola diaparo tsa hae tsa bohlolohadi, a ikgurumetsa ka lesira, a ithatela ka lona, mme a dula kgorong ya Enaime, e tseleng e yang Timina. Tamare o ne a se a bone hore Shela o hodile, empa o ne a eso mo newe hore e be mosadi wa hae.
15. Ha Juda a mmona, a hopola hore ke seotswa, hobane o ne a ikgurumeditse sefahleho.
16. A fapohela ho yena kathoko ho tsela, mme a re: “Tloo, re robale le wena.” O ne a sa tsebe hore ke ngwetsi ya hae.Tamare a re: “O tla nneang, e le hore o tle o kene dikobong tsa ka?”
17. A re: “Ke tla o romella potsanyane e tswang mohlapeng wa ka.”Yaba Tamare o re: “Na o tla bea dintho paneng ho fihlela o e romela?”
18. Juda a re: “Ke tla bea eng paneng?”Tamare a re: “Setempe sa hao sa bopaki, le leqhwele la sona, le molamu o letsohong la hao.” A mo nea tsona, mme Juda a kena dikobong tsa hae, a mo emarisa.
19. Jwale Tamare a ema, a itsamaela, a tlosa lesira la hae, mme a boela a apara diaparo tsa hae tsa bohlolohadi.
20. Ha Juda a romella potsanyane ka motswalle wa hae Adulame, hore mosadi a kgutlise seo a neng a se beile paneng, a se ke a hlola a fumana mosadi eo.
21. A botsa banna ba sebaka seo, a re: “Seotswa sela se neng se le Enaime, pela tsela, se kae?”Ba araba, ba re: “Ha ho seotswa se kileng sa eba mona.”
22. Yaba o kgutlela ho Juda, o re: “Ha ke a se fumana!”