27. Ha nako ya hae ya ho kena tlung e fihla, ho ne ho ena le mafahla ka popelong ya hae.
28. Yare ha a itshihlolla, ngwana e mong a ntsha letsoho, mme mmelehisi wa hae a nka kgwele a kgubedu, a mo tlama letsoho ka yona, a re: “Enwa o hlahile pele.”
29. Empa yare ha a honyetsa letsoho la hae, yaba ngwanabo o a hlaha, mme mmelehisi a re: “Jwale wena o monyohile jwang?” A mo rea lebitso la Perese.
30. Kamorao ha hlaha ngwanabo, ya tlamilweng ka kgwele e kgubedu letsohong la hae, mme a rewa lebitso la Sera.