Tshimoloho 38:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka yona nako eo Juda a tloha ho bana babo, a fapohela ha monna wa Adulame, eo lebitso la hae e neng e le Hira.

2. Teng Juda a bona moradi wa Mokanana, ya bitswang Shua; a mo nyala, mme a kena dikobong tsa hae.

3. Mosadi eo a emola, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Ere.

4. A emola hape, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Onane.

5. A boela a tswala mora, a mo rea lebitso la Shela. Juda o ne a le Kesibe ha Hira a tswala mora eo.

6. Yaba Juda o nyadisa Ere, letsibolo la hae; lebitso la mosadi wa hae e ne e le Tamare.

7. Empa Ere, letsibolo la Juda, e ne e le motho ya kgopo mahlong a Morena, mme Morena a mmolaya.

8. Yaba Juda o re ho Onane: “Kenela mohatsa moholwane wa hao, o mo tswalle bana, kaha o ngwanabo monna wa hae.”

9. Empa Onane o ne a tseba hore bana bao ha e na ho ba bana ba hae; kahoo ha a ne a kena dikobong tsa mosadi wa ngwanabo, o ne a ye a e tjhomolele, esere a tswalla ngwanabo bana.

10. Seo a ileng a se etsa sa eba sebe mahlong a Morena, mme le yena Morena a mmolaya. Yaba Juda o re ho Tamare, ngwetsi ya hae:

11. “Kgutlela heno, mme o itulele o le mohlolohadi, ho fihlela mora wa ka Shela a hola.” O ne a tshaba hore Shela le yena o tla shwa jwaloka bana babo. Yaba Tamare o a tsamaya, o ya dula habo.

12. Ha nako e ntse e tswela pele, mosadi wa Juda, moradi wa Shua, a shwa. Ha Juda a se a tshedisehile, a nyolohela Timina ho bakuti ba dinku tsa hae, a ena le motswalle wa hae Hira, wa Adulame.

13. Ha Tamare a bolellwa, ho thwe: “Matsala hao o nyolohela Timina ho ya kuta dinku tsa hae,”

Tshimoloho 38