8. Bana babo ba re ho yena: “Na ruri o tla re busa? Kapa na ruri o tla rena hodima rona?” Ba tswela pele ho mo hloya haholo, ka baka la ditoro tseo tsa hae, le ka baka la dipolelo tseo tsa hae.
9. A boela a lora toro e nngwe, mme a e phetela bana babo, a re: “Mamelang, ke lorile toro e nngwe hape: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di nkgumamela.”
10. Empa yare ha a phetela ntatae le bana babo toro eo, ntatae a mo omanya, a re ho yena: “Ke toro nngwe ee, eo o e lorileng? Na ruri nna, le mmao, le bana beno, re tla o kgumamela?”
11. Bana babo ba mo honohela, empa ntatae yena a nna a nahana polelo eo.
12. Yaba bana babo ba ya Shekeme ho ya alosa mohlape wa ntata bona.
13. Iseraele a re ho Josefa: “Ha ke re bana beno ba aloseditse Shekeme? Tloo, ke o rome ho bona.”Josefa a re ho yena: “E, ho lokile.”
14. Yaba Iseraele o re ho yena: “Ako ye, o yo bona hore na bana beno ba ntse ba phela hantle, le mohlape na, mme o kgutle o tlo mpolella.” Ha a mo roma ba ne ba le kgohlong ya Heborone. Josefa a tsamaya, a ya fihla Shekeme.
15. Monna e mong a mo fumana a ntse a lelera hara naha, mme monna eo a mmotsa, a re: “O batlang?”
16. Josefa a re: “Ke batla bana beso; ako mpolelle hle, moo ba aloseditseng teng.”
17. Monna eo a re: “Ba se ba tlohile; ke ile ka ba utlwa ba re: <A re yeng Dotane.> ”Yaba Josefa o latela bana babo, mme a ba fumana Dotane.